Kamona ka lebatowa la kapa botjhabela,
Ha selemo sa 1918 sehlola kgwedi ya bosupa,
Lesea le tswetswe lebitso ya e ba Mandela,
La eba letlenyana la kgahla mahlo a batho
Batho ba botsa ba re boqaqalope bona boqadilwe kemang
Ha selemo sa 1994 sehlola khwedi ya bone
Mokgosi o utlwahetse,haeba sephethephethe,
Dipelo tsa tlala thabo, yona nyakallo
Dikoloi tsa ema batho ra boha bona botle,
Rentse re re "Boqaqalope bona boqadilwe kemang"?
Ha bonahala thabo batho ra makala,
Ramakalla botle bona rahloka tsebo,
Ra nyorelwa tsebo ra ema matlotlosiane,
Batho banna ba botsa dipotso bare
Boqaqalope bona boqadilwe ke mang.
Matitjhere a lesa ho ruta a kena mmidimiding,
Baithuti ba lahla dibuka ba hlaba mokgosi,
Badumedi ba lahla dibebele batswa letsholo,
Badisana ba sia mehlape ba kena hara motse,
Bantse bare Boqaqalope bona boqadilwe ke mang
Ba neng ba feta ka tsela ka tsela ba boha bona botle,
Babasweu ba boha ka pelo tse bohloko,
Bana ba ema matlotlosiane banna ba makala,
Bohle banna ba botsa dipotso bare
Boqaqalope bona boqadilwe ke mang
Ha hlaha mohale,ha hlaha lesole,
Lesole la ho e lwana ka sekgethe ntwa,
A lwana ya kgomamela, a lwana ka leleme,
Kajeno re kbahlilwe ke botle rentse ra re
Boqaqalope bona boqadilwe ke mang.
Lefatsheng ha rena kgotso ha feela ntwa,
Bohle o raba le ditokelo,ra lokoloha,
Ra Phela ka bokgabane le boqhetseke
Potso entse e eme ere
Boqaqalope bona bo qadilwe ke mang
ke eo he taba basotho,
Lefu la rwalla tsatsi le eme,
Bona bokgabane ba Sala, lefelleng,
Ke ka hona potso entse e eme ere
Boqaqalope bona Bo qadilwe ke mang.
Batho baletshwara hampe latokoloho lefatshe,
Ba ala meutlwa ra hlajwa,
Basilafatsa bona botle ba bofetola phoqo,
Kajeno tokoloho le mesebetsi ya bahale ke phoqo
Potso entse ere boqaqalope bona boqadilwe ke mang.
©moshejafta
M