R

Ka Hlompho

Ka Hlompho
Ka hlompho ke o bitsa,
eseng ka lerata la mantswe,
empa ka kgutso ya pelo
e tsebang lebitso la hao.

Ka hlompho ke o tswara,
jwalo ka palesa e tswang phokeng,
ke sa potlake, ke sa robe,
ke mametse hore na o thunya joang.

Ka hlompho ke o rata,
eseng ho inkela, empa ho fana.
Ho ema pela hao pula e na,
ho arolelana sekgele le serame.

Ka hlompho kea o kgetha,
hoseng ho hong le ho hong,
hobane lerato la ’nete
ha le hweletse le inama, le lula.

Ka hlompho ke o mamela,
leha o sa bue letho.
Ke utlwa dipakeng tsa phefumoloho
dipale tseo u e-s’o di bolele.

Ka hlompho ke o emela,
matsi a le malelele,
hobane seo e leng sa rona
ha se potlakele letho.

Ka hlompho ke o sireletsa,
eseng ka matla a matsoho,
empa ka thapelo e kgutsitseng
bosiu ha o robetse.

Mme ha lefatshe le le boima,
ka hlompho ke ba lehae la hao
sebaka seo o hemang ho sona,
seo o sa tlamehang ho iketsa e mong.

©oriole_b